Motsoalle
Sefate sa Bophelo
Pherekhong 2024


“Sefate sa Bophelo,” Motsoalle, Pherekhong 2024, 26–27.

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Motsoalle Pherekhong 2024

Sefate sa Bophelo

Setśoantśo
Alt text

Lits´oants´o ka Andrew Bosley

Lehi e ne e le Moporofeta. Molimo o ile a mo bolella hore a nkele lelapa la hae lefats´eng la pallo. Ha ba ntse ba le leetong, o ile a lora ka sefate se setle. Se ne se bitsoa sefate sa bophelo.

Setśoantśo
alt text

Sefate sena se ile sa beha litholoana tse monate tse ts´oeu. Lehi o ile a ikutloa a thabile haholo ha a li ja! O ne a batla hore le ba lelapa la hae le bona ba li latsoe.

Setśoantśo
alt text

Lehi o boetse a bona lere la ts´epe le lebisang sefateng. Batho ba ile ba its´oareletsa lereng hore ba fihle sefateng ´me ba je litholoana.

Setśoantśo
alt text

Sefate se torong ea Lehi se joaloka lerato la Molimo. Lere le joaloka mangolo a halalelang. Ha re bala mangolo a halalelang, re atamela haufi le Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste.

Leqephe la ho Taka

Mangolo a Halaleleng a Ruta ka Jesu

Setśoantśo
alt text here

Sets´oants´o ka Adam Koford

Ke efe pale eo u re ratang ka ho fetisisa ka Jesu Kreste?