Motsoalle
Jakobo le Nefi ba Bone Jesu
Tlhakubele 2024


“Jakobo le Nefi ba Bone Jesu,” Motsoalle, Tlhakubele 2024, 26–27.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Tlhakubele 2024

Jakobo le Nefi ba Bone Jesu

Setśoantśo
alt text

Lits´oants´o ka Andrew Bosley

Jakobo e ne e le moena oa Nefi. Jesu o hlahile ka mor´a hore lelapa la habo le tlohe Jerusalema. Jakobo o tlile lefats´eng la pallo e sa le ngoana.

Setśoantśo
alt text

Jakobo le Nefi ka bobeli ba bone Jesu Kreste. Ba ile ba arolelana bopaki ba bona le malapa a bona ho ba thusa ho ithuta ka Jesu.

Setśoantśo
alt text

Ba ile ba arolelana mantsoe a moporofeta Esaia. Esaia le eena o ne a ile a bona Jesu, ′me a ngola ka Eena mangolong a halalelang. Jakobo le Nefi ba sebelisitse mantsoe a Esaia ho tsoa mangolong a halalelang ho ruta malapa a bona ka Jesu.

Setśoantśo
alt text

Ba rutile hore Jesu o tla tla lefats´eng. O tla shoa ′me a phele hape. Ba ile ba arolelana bopaki ba bona ka Jesu Kreste hore malapa a bona a tle a lebelle ho tla ha Hae.

Leqephe la ho Taka

Jesu ke Mopholosi oa Rona

Setśoantśo
alt text mona

Sets´oants´o ka Adam Koford

U utloa lerato la Jesu neng?