Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Na Ke Phela “Ka Mokhoa oa Thabo”?
Hlakola 2024


“Na Ke Phela “Ka Mokhoa oa Thabo”?,” Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Hlakola 2024.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2023

2 Nefi 5

Na Ke Phela “Ka Mokhoa oa Thabo”?

Ena ke mehopolo e meng ea ho phela ka tsela eo Nefi a itseng sechaba sa hae se ne se phela ka eona.

Setśoantśo
bacha

Sets´oants´o ka Alyssa Gonzalez

Nakoana kamor´a kahohano le Balamane, Nefi o itse sechaba sa hae se ne se phela “ka mokhoa oa thabo” (2 Nefi 5:27). Ho nahana hore hone ho na le sehlopha se seng sa batho ba neng ba batla ho ba bolaea (bona 2 Nefi 5:1–6, 14), seo se ka makatsa. Ke mang ea ka thabang maemong a joalo?

Ea pele, hlokomela hore re ne re “phela ka mokhoa oa thabo” ha ho bolele hore Mo-Nefi e mong le e mong o ne a thabile nako eohle.” Ho bolela hore ba ne ba phela ka tsela e ′ngoe, ba etsa lintho tse ling, tseo ka kakaretso li neng li isa thabong. Ka kakaretso, ho sa tsotellehe liqholotso, ene e le nako ea thabo.

Joale “mokhoa oa thabo.”ke eng? Re ka o qopitsa joang maphelong a rona, a nang le liqholotso? Ha re shebe!

  • Eba le mamello ′Me re ile ra leka ho boloka … le litaelo tsa Morena (2 Nefi 5:10).

    Ho phela evangeli ke mohato oa 1. U ka thaba nakoana sebeng, empa ha ho ise kae. Ho se mamele Molimo ka maikemisetso ha se “mokhoa oa thabo” (bona Alma 41:10).

  • Batla mangolo a halalelang. “´Me, ´na, Nefi, … ke ne ke tlile le lingoliloeng tse neng li ngotsoe holima matlapa a ts´epe e khubelu;(2 Nefi 5:12). “Ra… li lekola eaba re fumana li laba-labeha; ee, esita tsa boleng bo boholo ho rona” (1 Nefi 5:21).

    Sechaba sa Nefi se ne na le mangolo a halalelang. ´Me ha ba ea ka ba ba le tsona feela—ba ile ba li batla.

  • Mamela baetapele ba susumelitsoeng. “Na, Nefi, ke hlohonolofalitse Jakobo le Josefa, hore e be baprista le baruti holim´a … sechaba sa ka” (2 Nefi 5:26).

    Baruti ba na ba ne ba sebelisa mangolo a halalelang ho ba tataisa (bona 2 Nefi 4:15; 6:4).

  • E eang tempeleng (le libakeng tse ling tse halalelang). “′Me ’na, Nefi, ke ile ka aha tempele;(2 Nefi 5:16).

    Ho bohlokoa ho ba le libaka tse halalelang joalo ka matlo a likopano le litempele bakeng sa barutuoa ho bokana le ho khumamela. (Re ka nahana hore Ba-Nefi ba ne ba se na feela temepele—ba ne ba e sebelisa.) Ha u sa ee temepeleng ka bo uena, u ka etsa mosebetsi oa nalane ea lelapa.

  • E ba mafolofolo. Ke ile ka ruta sechaba saka ho aha meaho, le hosebetsa … Ke ile ka etsa hore sechaba saka se be mafolofolo, le ho sebetsa ka matsoho a bona (2 Nefi 5:15, 17).

    Karolo ea “mokhoa oa thabo” ke hore u be le seo u se etsang! Ho abeloa, mosebetsi, boikarabelo—se seng se u fang ho tsepama le sepheeo (le nako e nepahetseng ea ho phomola). Ho thata ho thaba ha u hlorile ka linako tsohle.

Na u ka re hajoale u phela ka mokhoa oa thabo? Haeba ha ho joalo, mohlala oa Nefi o ka u fa mehopolo ea hore na u ka ntlafala joang.