Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha: Molaetsa oa Mopholosi ho Uena
Tlhakubele 2024


“Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha: Molaetsa oa Mopholosi ho Uena,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Tlhakubele. 2024.

Molaetsa oa khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Tlhakubele 2024

Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Molaetsa oa Mopholosi ho Uena.

Tataiso ena e u thusa ho hokahana le likhetho tsa hau ho Jesu Kreste le thuto ea Hae.

Setśoantśo
Jesu Kreste

Ke eme Monyako ho Kokota,Ka J. Kirk Richards

Ak’u nahane u lula Galilea ea boholo-holo lilemong tse 2 000 tse fetileng. Uena le metsoalle ea hau le memetsoe moketeng oa borapeli oa bacha sinagogeng ea moo, o nang le sebui se khethehileng sa moeti: Jesu oa Nazaretha. E be ka nako e itseng molaetseng oa Hae, Jesu o mema bacha har´a bamameli hore ba Mo botse lipotso.

Ke lipotso tsa mofuta ofe tseo u nahanang hore u ka li utloa?

Ke nahana hore lipotso tse ling li tla bonts´a meetlo le maemo a nako eo. Empa kannete ke lumela tse ngata tsa tsona li ka utloahala eka ke lipotso tseo re nang le tsona kajeno.

Mohlala, Testamenteng e Ncha, batho ba ile ba botsa Mopholosi lipotso tse kang tsena:

  • Ke lokela ho etsa eng hore ke tle ke fumane bophelo bo sa feleng?1

  • Na ke amohetsoe? Na ke setho?2

  • Haeba ngoaneso a nts´iteloa, ke lokela ho mo ts´oarela makhetlo a makae?3

  • Ho tla etsahala eng ka lefats´e lee nakong e tlang? Na ke tla bolokeha?4

  • Na u ka folisa moratuoa oa ka?5

  • ´Nete ke eng?6

  • Ke tla tseba joang haeba ke tseleng e nepahetseng?7

Na bohle ha re ipotse ntho e ts´oanang nako le nako? Le kamor´a mengoaha-kholo, lipotso ha lia fetoha hakalo. ´Me joalo feela, mohau oa Mopholosi ha o ea fetoha ho ba li botsang. O tseba kamoo bophelo bo leng boima le ho ferekanya ka teng. O tseba kamoo ho leng bobebe ka teng ho lahleha. O ea tseba hore ka nako e ´ngoe re ngongoreha ka bokamoso. ´Me O re ho nna le uena, joalokaha a kile a bua ho balateli ba Hae khale:

  • “Se ferekaneng.”8

  • “Ke ´na tsela [le] ´nete.”9

  • “Ntateleng.”10

Ha u na le likhetho tsa bohlokoa tseo u lokelang ho li etsa, Jesu Kreste le evangeli ea Hae e tsosolositsoeng ke khetho e molemohali. Ha u na le lipotso, Jesu Kreste le evangeli ea hae e tsosolositsoeng ke karabo e molemohali.

Ke ka hoo ke ratang Bakeng sa Matlafalo ea Bacha: Tataiso ea ho Etsa Liqeto. E re supisa ho Jesu Kreste hore re tle re fumane matla a Hae. Ke boloka kopi ka pokothong ea ka ka linako tsohle. Ha ke ntse ke kopana le batho lefats´eng ka bophara ba batlang ho tseba hobaneng rona, joalo ka litho tsa Kereke ea Jesu Kreste, re etsa seo re se etsang, ke arolelana tataiso ena le bona.

Bakeng sa Matlafalo ea Bacha e ruta linnete tsa bosafeleng ka Mopholosi le tsela ea Hae. E u mema ho etsa likhetho u ipapisitse le linnete tseo. Hape e arolelana mahlohonolo a ts′episitsoeng ao A a fetisetsang ho ba Mo latelang. Ka kopo bala, nahanisisa, ′me u arolelane tataiso ena!

Mo Meme a Kene

Jesu Kreste o batla ho ba karolo ea bophelo ba hau—boteng ba kamehla, letsatsi le letsatsi, linakong tse monate le tse mpe. Ha a eme feela qetellong ea tsela, a emetse hore u Mo fumane. O tla tsamaea le uena mohato o mong le o mong oa tsela. Ke Eena Tsela!

Empa A keke a qobella tsela ea Hae bophelong ba hau. U Mo mema hore a kene, ka likhetho tsa hau. Ke ka hona tataiso ea ho etsa likhetho, joaloka Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, e leng bohlokoa. Nako le nako ha u etsa khetho e lokileng e ipapisitseng le linnete tsa ka ho sa feleng tsa Mopholosi, u bonts´a hore u ea Mo batla bophelong ba hau. Likhetho tseo li notlolla likhoro tsa leholimo, ´me matla a Hae a tla a ts´olohela bophelong ba hau.11

Etsa Khokahano e Matla

U ka ´na ua hopola hore Mopholosi o ile a bapisa ba utloang le ho etsa lipolelo tsa Hae le monna ea bohlale ea ileng “a aha ntlo ea hae letlapeng.” O ile a hlalosa:

“Pula ea na, ′me likhohola tsa tla, le meea ea puka ea otla ntlo eo; empa ea seke ea oa, hobane ene e ahiloe letlapeng.”12

Ntlo ha e pholohe sefefong hobane e le ntlo e matla. Hape ha e pholohe hobane feela lefika le le matla. Ntlo e pholoha sefofo hobane e khorametse letlapeng ka thata. Ke matla a ho hokahana le lefika a bohlokoa.

Ka ho ts´oana, ha re aha bophelo ba rona, ho bohlokoa ho etsa likhetho tse nepahetseng. ´Me ho bohlokoa ho utloisisa ´nete ea ka ho sa feleng ea Mopholosi. Empa matla ao re tla a hloka ho mamella lifefo tsa bophelo a tla ha re hokahanya likhetho tsa rona le Jesu Kreste le thuto ea Hae. Ke seo Bakeng sa Matlafalo ea Bacha e re thusang ho se etsa.

Mohlala, metsoalle ea hao e ka ′na ea tseba hore u leka ho se sebelise puo e hlabang kapa e bohla. Ba ka ′na ba u bona u atamela ngoana eo sekolong batho ba bangata ba mo khesang kapa ba bileng ba mo hlekefetsa. Empa na baa tseba hore u etsa likhetho tsena hobane Jesu Kreste o rutile hore “batho bohle ke bana ba heno—ho akarelletsa le batho ba fapaneng le uena”?13

Metsoalle ea hao e ka ′na ea tseba hore u ea kerekeng Sontaha se seng le se seng. Ba ka ′na ba hlokomela ha u koala pina e itseng kapa u hana memo ea ho shebella filimi e itseng. Empa na baa tseba hore u etsa likhetho tsena hobane u na le “kamano e thabisang ea selekane le Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste,” le hore e le karolo ea boitlamo boo ba ho latela Mopholosi, u leboha “ho ba le Moea o Halalelang e le molekane oa hau oa kamehla”?14

Batho ba ka ′na ba tseba hore ha u noe kapa ha u tsube kapa ho sebelisa lithethefatsi tse ling tse kotsi. Empa na baa tseba hore u etsa likhetho tsena hobane Jesu Kreste o rutile hore “′mele oa hau o oa halalela,” “mpho e hlollang e tsoang ho Ntat’a lona ea Maholimong,” o entsoeng ka sets′oants′o sa Hae?15

Metsoalle ea hau e ka ´na ea tseba hore u ke ke ua qhekella kapa ua bua leshano le hore u nka thuto ka ho teba. Empa na ba ea tseba hore ke hobane Jesu Kreste o rutile hore “′nete e tla le lokolla”?16

Ka holimo ho tsohle, na metsoalle ea hau ea tseba hore ka linako tse ling u etsa likhetho tse sa tloaelehang tsa ho boloka melao ea Kreste hobane ua tseba hore “Jesu Kreste ke matla a hau”?17

Ke Matla A Hau

Ke u fa bopaki ba ka bo tiileng ba hore Jesu Kreste ke Tsela e isang bokamosong bo chabileng bo khanyang—bokamoso ba hau. ´Me hape ke Tsela e isang mphong e khanyang. Tsamaea tseleng ea hae, ′me O tla tsamaea le uena. U ka se etsa sena!

Metsoalle ea ka e ratehang, Jesu Kreste ke matla a lona. Tsoelapele ho tsamaea le Eena, ´me O tla le thusa ho fofa “ka mapheo joaloka ntsu”18 ho ea thabong e sa feleng eo A le lokiselitseng eona.