Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Ho Lumela ho Kreste pele A Tla Hape
´Mesa 2024


“Ho Lumela ho Kreste pele A Tla Hape,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, ´Mesa 2024.

Khoeli le khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Molaetsa, ´Mesa 2024

Jarome

Ho Lumela ho Kreste pele A Tla Hape

Ba-Nefi ba ne ba ena le tumelo pele Mopholosi a tla, ´me re ka ba le tumelo pele a tla hape.

Setśoantśo
Jesu Kreste o etetse Ba-Nefi

Na u kile ua nahana hore ho ne ho ka ba joang ho lumela ho Mopholosi pele a tla lefats´eng? Ba-Nefi ba khale ba ile ba lokela ho etsa eona ntho eo—“ho shebela pele ho Messia, le ho lumela ho eena ho tla joaloka ha eka o ne a se a ntse a tlile.” (Jarome 1:11).

Matsatsing a na re na le lingoliloeng tsa mangolo a halalelang le tsa nalane tse pakang hore Jesu Kreste o ile a phela, a shoa, le ho tsoha hape. Re lumela ho Mopholosi ea seng a ile a tla. Empa re boetse re lumela ho Mopholosi ea tlang ho tla hape.

Pele Jesu Kreste a tla, Ba-Nefi ba ne ba na le Tumelo Ho:

Setśoantśo
Morena Benjamine le mosali oa hae ba rapela

Ba ts´oareloa libe tsa bona.

“E mong le e emong a tle a lumele hore Kreste o tla tla, ba ts´oanang ba tle ba fumane ts´oarelo ea libe tsa bona, ´me ba nyakalle ka nyakallo e fetisisang, esita le joaloka ha eka o se a ntse a tlile har´a bona ” (Mosaia 3:13; khatiselletso e ekelitsoe).

Setśoantśo
Enose

Ba ts´oarelane

“Me ho ile ha tla lentsoe ho ´na, le re: Enose libe tsa hau li ts´oaretsoe. … Ka baka leo, molato oa ka o ile oa hlakoloa. ´Me ke ile ka re: Morena e etsoa joang? ´Me o ile a re ho ´na: Ka lebaka la tumelo ea hau ho Kreste, eo u e so kang u mo utloa pele kapa ho mo bona. Me ho tla feta lilemo tse ngata pele a tla iponahatsa ka nama; … tumelo ea hau e u pholositse” (Enos 1:5–8; khatiselletso e ekelitsoe).

Setśoantśo
Jakobo oa ruta

Ho etsa mehlolo.

“Re ne re tseba ka Kreste, ´me re ne re na le ts´epo ea khanya ea hae lilemo tse makholo a mangata pele ho ho tla ha hae. … Haholo hoo re khonang e le kannete ho laela ka lebitso la Jesu le lifate li re mamele, kapa lithaba, kapa maqhubu a leoatle.” (Jakobo 4:4, 6; khatiselletso e ekelitsoe).

Setśoantśo
Moroni o ngola matlapeng

Ho fumana ts´enolelo.

“Ho ne ho ena le ba bangata bao tumelo ea bona e neng e le matla ka ho fetisisa hoo, esita le pele Kreste a tla, bao ho neng ho sita hore ba bolokoe ka har´e ho lesira, empa kannete ba bone ka mahlo a bona” (Ethere 12:19;khatiselletso e ekelitsoe).

Pele Kreste a Tla Hape, Re Ka Ba le Tumelo Ho:

Ts´oareloa, ho its´oarela, ho etsa mehlolo, le ho fumana ts´enolelo (joaloka Ba-Nefi)

Setśoantśo
bahlankana ba bina ka kerekeng

Ho itokisetsa ho Tla ha Hae

Ha re ntse re loanela ho boloka lilekane tsa rona, re itokisetsa ho ea phela ´musong oa khanya ea letsatsi. “Hobane bonang, bophelong bona ke nako bakeng sa batho ho lokisetsa ho kopana le Molimo; ee, bonang letsatsi la bophelong bona ke letsatsi la batho ho etsa mesebetsi ea bona” (Alma 34:32).

Setśoantśo
bacha ka pele ho tempele

Ho lokisa lefats´e bakeng sa ho Tla ha Hae

Re menngoe ke Mookameli Russel M. Nelson ho ba karolo ea “mosebetsi o moholohali lefats´eng”—pokello ea Iseraele. “Ntat´a rona ea Maholimong o bolokile ba bangata ba meea ea hae e khabane—mohlomong, nka re, sehlopha sa hae se setle ka ho fetisa—bakeng sa mokhahlelo oa ho qetela. Meea eo e khabane—libapali tseo tse ntle ka ho fetisa, bahale bao, —ke lona!”1

Setśoantśo
baroetsana ba ea akana

E bang le ts´epo linakong tse thata.

Ha Mopholosi a tla hape, ba lokileng ba tla phela ka khotso. Mopholosi o tla busa, le ho ba le leeme ho tla etsoa hore ho nepahale. “Hobane Morena o tla ba har´a bona, ´me khanya ea hae e tla ba holim´a bona, ´me e tla ba morena oa bona le mofani oa bona oa molao” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 45:59).

Setśoantśo
moroetsana

Ts´epa Tsoho ea Bafu

Batho bohle ba tla tsosoa bafung. Re tla fumana ´mele e phethehileng, e sa shoeng. Re tla boela re bone baratuoa ba rona ba hlokahetseng. “Moea le ´mele li tla kopana hape ka sebopeho se phethahetseng; leoto le manonyoletso li tla tsosolosetsoa ho phetheha, esita le joaloka moo re leng ka teng ka nako ena” (Alma 11:43).

Setśoantśo
Jesu Kreste O Itlhahisa ho Ba-Nefi

Ba-Nefi ba khale ba ile ba eba le tumelo ho Mopholosi pele a tla. Re ka ba le tumelo hore Mopholosi o tla tla hape—ha “[re] tla [Mo] bona marung a leholimo, a apesitsoe ka matla le khanya e kholo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 45:44; bona hape Liketso 1:11). Ke joang ho tseba hore o tla tla hape ho ka fetolang seo u se etsang kajeno?

Ntlha

  1. Russell M. Nelson, “Hope of Israel” Boineelo ba bacha ba lefatse, Phuptjane 3, 2018), HopeofIsrael.lds.org.