2010-2019
Puo e Koalang
October 2019


Puo e Koalang

Ho tśoaneleha ha motho ka bo mong ho hloka ho fetoha ho phethehileng hoa kelello le pelo hore a tsoane le Mopholosi.

Bo mme le bo ntate, ha re fihlile qetellong ea seboka sena, re leboha Mopholosi ka melaetsa e khothatsang le ʻmino o re matlafalitseng. Ruri re natefetsoe ke keteko ea se moea e le kaʼnete .

Rea tseba hore evangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste e tla tlisa tśepo le nyakallo ho batho ba tlang ho e utloa le ho ela hloko thuto ea Hae. Rea tseba hape hore lehae ka leng le ka fetoha sehalalelo sa tumelo, moo khotso, lerato le Moea o Halalelang tsa Mopholosi li lulang teng.

Ehlile, ntho ea bohlokoahali tsosolosong ke templele e halalelang. Melao le lilekane tsa eona tse halalelang li bohlokoa haholo ho lokisetsa batho ba lokileng ho amohela Mopholosi ha atla la bobeli. Hajoale rena le litempele tse 166 tse khakotsoeng,ʻme tse ling li satla.

Ho bula ntlo ho tla etsoa pele ho khakoloa tempele enngoe le engoe e lokisitsoeng. Metsoalle eo eseng ea tumelo ea rona batla nka karolo ho etela litempele tseo ´me batla ithuta ho hong ka mahlohonolo a tempele. Ba bang ba baeti bao batla khahloa ke ho tseba haholoanyane. Ba bang ba tla botsa ka ʻnete hore na ba ka itukisetsa joang ho atleha ho fumana mahlohonolo a tempele.

Joaloka litho tsa kereke, re tlameha to itukisetsa ho araba lipotso tsa bona. Re ka hlalosa hore mahlohonolo a tempele a teng ho bohle ba itukisang. Empa pele ba kena ka tempeleng e khakotsoeng, ba hloka ho ba le tokelo. Mopholosi o batla bana ba hae bohle ho fumana mahlohonolo a sa feleng a fumanoang tempeleng ea Hae. O laetse hore na motho ka mong a etse joang ho ba le tokelo ea ho kena ntlong ea hae e halalelang.

Sebaka se lokileng sa ho qala thuto ena ke ho etsa temoso mantsoeng a ngotsoeng bokantle ho tempele a reng; “Khalalelo ho Mopholosi; Ntlo ea Mopholosi.” Molaetsa oa kajeno oa Mookameli Henry B. Eyring le ba bang ba bangata e re khothaletsa ho halalela le ho feta. Tempele ka nngoe ke sebaka se halalelang; motsamaisi oa tempele ka nngoe o leka ho halalela le ho feta.

Lithlokahalo tsa ho kena ka hara tempele li ipapisa le ho halalela hoa motho ka mong. Ho netefatsa ho loka hoo, motho ka mong ea batlang ho natefeloa ke mahlohonolo a tempele ho mekhahlelo e ʻmeli ea lipotso; oa pele ke oa mobishopo, moeletsi oa mobishopo, kapa mookameli oa lekala la kereke; oa bobeli ke oa mookameli oa lekala le akaretsang kapa e mong oa baeletsi ba hae. Ka hara mekhahlelo eo ea lipotso, lipotso tse mmaloa li tla botsoa.

Tse ling tsa lipotso tseo li lokisitsoe hore li utloahale. Ke lakatsa ho li lekola molemomg oa lona hajoale;

  1. Na u na le tumelo le bopaki ka Molimo, Ntate oa Bosafeleng, Mora oa Hae Jesu Kreste; le Moea o Halalelang?

  2. Na u na le bopaki ba Hoshoa hoa Jesu Kreste le karolo ea Hae ele Mopholosi le Molopolli oa hau?

  3. Na u na le bopaki ba Tsosoloso ea Evangeli ea Jesu Kreste?

  4. Na u tśehetsa Mookameli oa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba mehla ea kajeno e le Moporofeta, senohe le ea senolang ʻme le hore ke ena feela lefat´seng ea nang le matla a litokelo tsohle tsa boruti bo halalelang?

    Na u tśehetsa litho tsa Boetapele ba Pele le Lekhotla la Ba-Apostola ba Leshome le Metso e ʻmeli joaloka ka Baporofeta linohe le basenoli?

    Na u tśehetsa le Baokameli ba bang ba akaretsang le baokameli ba lehae ba Kereke?

  5. Mopholosi o itse lintho tsohle li lokela ho etsoa ka bohloeki mahlong a hae (Melao ea Thuto le Lilekane 42:41).

    Na u leka ho boloka bohloeki mehopolong le boitśoarong ba hao?

    Na u phela molao oa bohloeki?

  6. Na u latela lithuto tsa Kereke ea Jesu Kreste boinotśing le libakeng tse bulehileng ho litho tsa lelapa la hao le ba bang?

  7. Na u tśehetsa lithuto le litloaelo kapa melao e khahlanong le ea Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno?

  8. Na u boloka letsatsi la Sabata le halalela, hae kapa kerekeng; u kena likopano; o itukisetsa ho ja sakaramente u hloekile; le ho phela bophelo ba hau u ipapisitse le lipehelo le melao ea evangeli?

  9. Na u leka ho boloka botśepehi linthong tsohle tseo u li etsang?

  10. Na u lefa boshome bo feletseng?

  11. Na u utloisisa le ho mamela Lentsoe la Bohlale?

  12. Na u na leboikarabelo bo u tlamang ka tśehetso ea lichelete kapa tse ling ho molekane oa mehleng kapa bana?

    Haeba karabo ke ee, na u fihlela tseo tsohle?

  13. Na u boloka lilekane tseo u li entseng tempeleng, ho kenyeletsa le ho apara seaparo sa tempele ka tśoanelo joalokaha u laetsoe ka matlafatsong ea moea?

  14. Na ho na le libe tse kholo bophelong ba hao tse hlokang ho rarolloa ke ba boruti bo halalelang ele karolo ea hao ea pako?

  15. Na u itseba u loketse keho kena tempeleng ea Mopholosi ʻme u nke karolo litsʼebeletsong tsa tempele?

Hosane, lipotso tsena tse hlahlobiloeng tsa tumello ea tempele litla isoa ho baokameli ba Kereke ka lefatʼse lohle.

Ho eketsa ho arabeng lipotso tseo ka botsʼepehi, kutloisiso ke hore moitlami e mong le emong oa tempele o tla apara seaparo se khethehileng sa boruti bo halalelang ka hara liaparo tsa hae tse tloahelehileng. Ena ke pontśo ea boitlamo ba ho leka letsatsi leng le le leng ho ba joaloka Morena. E re hopotsa hape hore re lule re tʼsepahala kamehla lilekaneng tseo re li entseng le ho boloka lilekane ka tsela e phahameng ebile e halalela.

Hajoale, ka motsotso ona, ke rata ho bua le bacha ba rona. Re le khothaletsa ho itukisetsa tumello ea tempele e sehetsoeng moeli. Le tla botsoa lipotso feela tse amanang le boitukiso ba litʼsebeletso tsa ho kolobetsoa le ho tiisoa bakeng sa babang. Re motlotlo ka holoka ha lona le boikemisetso ba ho nka karolo mosebetsing o khethehileng oa tempele. Rea le leboha!

Ho loka ha motho ka mong bakeng sa ho kena tempeleng ho hloka boitukiso ba semoea. Empa ka thuso ea Mopholosi, ha ho letho le sa khoneheng. Ka lehlakore le leng, ho bonolo ho aha tempele ho feta ho aha batho ba itukiselitseng tempele. Ho loka ha motho ka mong ho hloka ho fetoha ho phethehileng ha kelello le pelo hore a tʼsoane le Morena, ho ba moahi ea tʼsepahalang, eo eleng mohlala, le ho ba motho ea halaleng haholoanyane.

Ke tiisa hore boitukiso bo joalo bo tlisa mahlohonolo a senang tekanyo bophelong bona le mahlohonolo a kekeng a lekanngoa a bophelong bo tlang, ho kenyeletsa le ho ntʼsetsa pele ha lelapa ka ho safeleng “thabong e sa feleng.”1

Ke lakatsa ho bua ka taba e ngoe; meralo ea selemo se tlang. Ka nako ea selemo, selemong sa 2020, e tla be e le lilemo tse 200 ho tloha Joseph Smith a bile le Pono ea Pele. Molimo Ntate le Moraʼ Hae, Jesu Kreste, ba ile ba itlhahisa ho Joseph Smith, mocha ea lilemo li 14. Ketsahalo eo ke qalo ea Tsosoloso ea evangeli ea Jesu Kreste ka botlalo, hantle joaloka ha e boletsoe ka Bibeleng e Halalelang.2

Ho ile ha tla tatellano ea liketelo tsa barumuoa ba leholimo , ho kenyelletsa Moroni, Johanne Mokolobetsi, le ba-Apostola ba pele Petirose, Jakobo le Johanne. Ba bang ba ile ba latela, ba kenyelletsang Moshe, Eliase, le Elija. E mong le mong oa bona o tlisitse matla a boMolimo ho bana ba Molimo lefatśeng hape.

Ka mohlolo, re na le Buka ea Mormone; Testamente engoe ea Jesu Kreste, e tsamaeang le Bibele. Litʼsenolo tse phatlalalitsoeng bukeng ea Melao ea Thuto le Lilekane le Perela ea Theko e Kholo li ekelitse kutloisiso ea rona ea melao ea Molimo le linnete tse sa feleng.

Linotlolo le li ofisi tsa boruti bo halalelang li tsosolositsoe, ho kenyeletsa le ofisi ea mo-Apostola, oa mashome supileng, mopatriareka, moruti e moholo, moholo, mobishopo, moprista, moruti le motiakone. ʻMe basali bohle ba ratang Morena ba sebeletsa ka matla Mokhatlong oa Bo- ʻmʼe, Bana, baroetsana, Sekolo sa Sontaha, le tse ling tsa lipitso tsa Kereke—likarolo tsohle tsa bohlokoa tsa Tsosoloso ea evangeli ea Jesu Kreste ka botlalo.

Ke ka hoo selemo sa 2020 se khethiloe e le sa makholo a mabeli sa ketsahalo ea bohlokoa. Seboka se akaretsang sa ʻMesa se latelang e tlaba se fapaneng ho seboka se fe kapa se fe se fetileng. Likhoeling tse tʼseletseng tse tlang, ke tʼsepa hore setho se seng le se seng le lelapa le leng le leng le tla itukisetsa seboka se khethehileng seo e tla bang khopotso ea metheho ea ea evangeli e tsosolositsoeng .

U ka lakatsa ho qala boitukiso ba hau ka ho bala hape litaba tsa Joseph Smith tsa Pono ea Pele joalo kaha e ngotsoe ka hara buka ea Perela ea Theko e Kholo. Tsela ea rona ea boithuto bakeng sa selemo se tlang Tlohong, le Ntatele ke Buka ea Mormone. U ka imamella lipotso tse bohlokoa tse kang, “Bophelo baka bo ka fapana joang ha tsebo eaka eo ke e fumaneng ho Buka ea Mormone e ka nkeloa hole ka tśohanyetso?” kapa “Ke joang liketsahalo tse latelang Pono ea Pele li entseng phethoho ho ʻna le ba lelapa laka?” Hape, kalitśoantsiso tsa sea-le-moea pono tsa Buka ea Mormone, joale li fumaneha, u ka lakatsa ho li kenyeletsa boithutong ba hau u le motho ka bo mong le lelapa.

Khetha lipotso tsa hao. Rala motheho oa hao. Ithukhubetse mosebetsing oa khanya oa Tsosoloso. Ha u etsa joalo, Seboka se Akaretsang sa ʻMesa se tlang, ha se na ho hopoleha feela; ha se na ho lebaleha.

Joale ha ke koala, ke le siela lerato laka le tlhohonolofatso ea ka hore e mong le emong oa lona a be le thabo le khalalelo letsatsi le leng le le leng le fetang. Kahona, ke kopa hore le kholisehe hore tśenolo e tsoelapele ka hare ho Kereke ʻme e tla tsoelapele tlasa tataiso ea Morena hofihlela “merero ea Molimo e phethahetseʻme Jehova ea Moholo o tla re mosebetsi o phethahetse.”3

Kea le hlohonolofatsa, ke tiisa lerato laka ho lona ka bopaki ba ka hore Molimo o oa phela! Jesu ke Kreste Ena ke Kereke ea Hae ʻme re batho ba Hae. Ka lebitso le halalelang la Jesu Kreste, amen.