Jesu Kreste
Hlohonolofatso ea Bohobe


Hlohonolofatso ea Bohobe

Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng,
re U kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste,
ho hlohonolofatsa le ho halaletsa bohobe bona
ho meea ea bohle ba bo jang,
hore ba tle ba je e le khopotso ea ’mele oa Mora oa hau,
’me ba pake ho Uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng,
hore ba ikemiselitse ho inkela ho bona lebitso la Mora oa hau,
’me ba mo hopole ka mehla
’me ba boloke litaelo tsa hae tseo a ba fileng tsona;
hore ka mehla moea oa hae o tle o be le bona.
Amen.